21. Empa ha Rubene a utlwa hona, a mo namolela matsohong a bona, a re: “A re se keng ra mmolaya.”
22. A boela a re: “Se tsholleng madi; mo akgeleng ka ledumeleng lena le lehwatateng, empa le se ke la mo isa matsoho.” E ne e le hore a tle a mo namolele matsohong a bona, a mo kgutlisetse ho ntatae.
23. Yare ha Josefa a fihla ho bana babo, ba mo hlobodisa seaparo sa hae se fihlang matsohong le maotong, seo a neng a se apere;
24. ba mo nka, ba mo akgela ka ledumeleng. Ledumela lena le ne le se na letho, le se na metsi.
25. Jwale ba dula fatshe, ba eja. Yare ha ba phahamisa mahlo ba bona mokoloko wa Baishemaele ba tswang Gileade, ba le leetong, ba ya Egepeta, dikamele tsa bona di belesitswe boroku, le ditlolo, le mmira.
26. Yaba Juda o re ho bana babo: “Re tla boellwa ke eng, ha re bolaya ngwanabo rona, mme re pata madi a hae?
27. Tloong, re mo rekiseng ho Baishemaele, mme re se ke ra mo isa matsoho, hobane ke ngwanabo rona, ke nama ya rona.” Bana babo ba dumela.
28. Yare ha bahwebi ba Midiane ba feta, ba hula Josefa, mme ba mo ntsha ka ledumeleng, ba mo rekisa ho Baishemaele ka silefera e kang boima ba dikeramo tse makgolo a mabedi le mashome a mararo, mme bao ba ya le yena Egepeta.
29. Ha Rubene a kgutlela ledumeleng, mme a bona hore Josefa ha a yo ka ledumeleng, a hahola diaparo tsa hae,
30. a kgutlela ho bana babo, a re: “Moshanyana ha a yo; ekaba ke tla leba kae?”
31. Jwale ba nka seaparo sa Josefa, ba bolaya potsanyane, ba ina seaparo seo mading.
32. Ba romela seaparo seo se fihlang matsohong le maotong, sa iswa ho ntata bona, mme ba re: “Re fumane ntho ena; ako bone hore na ke seaparo sa mora wa hao, kapa tjhe.”
33. Iseraele a se tseba, mme a re: “Ke seaparo sa mora wa ka! Sebatana se mo jele; ruri Josefa o tsekolotswe ke sebatana.”