13. Iseraele a re ho Josefa: “Ha ke re bana beno ba aloseditse Shekeme? Tloo, ke o rome ho bona.”Josefa a re ho yena: “E, ho lokile.”
14. Yaba Iseraele o re ho yena: “Ako ye, o yo bona hore na bana beno ba ntse ba phela hantle, le mohlape na, mme o kgutle o tlo mpolella.” Ha a mo roma ba ne ba le kgohlong ya Heborone. Josefa a tsamaya, a ya fihla Shekeme.
15. Monna e mong a mo fumana a ntse a lelera hara naha, mme monna eo a mmotsa, a re: “O batlang?”
16. Josefa a re: “Ke batla bana beso; ako mpolelle hle, moo ba aloseditseng teng.”
17. Monna eo a re: “Ba se ba tlohile; ke ile ka ba utlwa ba re: <A re yeng Dotane.> ”Yaba Josefa o latela bana babo, mme a ba fumana Dotane.
18. Ba mmona a sa le hole, mme yare a eso atamele ho bona ba rera ho mmolaya.
19. Ba buisana, ba re: “Raditoro ke eo a etla.
20. Tloong jwale, re mmolayeng, re mo akgeleng ka ho le leng la madumela. Re tla re sebatana se mo jele, mme re tla bona hore na ditoro tsa hae di tla fella kae.”
21. Empa ha Rubene a utlwa hona, a mo namolela matsohong a bona, a re: “A re se keng ra mmolaya.”
22. A boela a re: “Se tsholleng madi; mo akgeleng ka ledumeleng lena le lehwatateng, empa le se ke la mo isa matsoho.” E ne e le hore a tle a mo namolele matsohong a bona, a mo kgutlisetse ho ntatae.
23. Yare ha Josefa a fihla ho bana babo, ba mo hlobodisa seaparo sa hae se fihlang matsohong le maotong, seo a neng a se apere;
24. ba mo nka, ba mo akgela ka ledumeleng. Ledumela lena le ne le se na letho, le se na metsi.
25. Jwale ba dula fatshe, ba eja. Yare ha ba phahamisa mahlo ba bona mokoloko wa Baishemaele ba tswang Gileade, ba le leetong, ba ya Egepeta, dikamele tsa bona di belesitswe boroku, le ditlolo, le mmira.
26. Yaba Juda o re ho bana babo: “Re tla boellwa ke eng, ha re bolaya ngwanabo rona, mme re pata madi a hae?