Tshimoloho 37:1-9 BIBELE (SSO89SO)

1. Jakobo a aha naheng eo ntatae a neng a jakile ho yona, naheng ya Kanana.

2. Tsena ke ditaba tsa lelapa la Jakobo.Josefa ha a ena le dilemo tse leshome le metso e supileng o ne a disa mehlape le bana babo. Moshanyana enwa o ne a ena le bara ba Bileha le Silepa, basadi ba ntatae, mme Josefa a bolella ntatae ditaba tsa bona tse mpe.

3. Iseraele o ne a rata Josefa ho feta bana ba hae bohle, hobane e ne e le ngwana eo a mo fumanetseng boqhekung ba hae, mme a mo etsetsa seaparo se selelele, se fihlang matsohong le maotong.

4. Ha bana babo ba bona hore ntata bona o mo rata ho feta bana babo kaofela, ba mo hloya, ba se ke ba mmuisa ka kgotso.

5. Yaba Josefa o lora toro, mme ha a e phetela bana babo, ba mo hloya ka ho fetisa.

6. A re ho bona: “Utlwang toro eo ke e lorileng:

7. Re ne re tlama dihlopha tshimong, mme ka bona sehlopha sa ka se tsoha, se ema tswee! Ka bona dihlopha tsa lona di ema, di se potapota, mme di se kgumamela.”

8. Bana babo ba re ho yena: “Na ruri o tla re busa? Kapa na ruri o tla rena hodima rona?” Ba tswela pele ho mo hloya haholo, ka baka la ditoro tseo tsa hae, le ka baka la dipolelo tseo tsa hae.

9. A boela a lora toro e nngwe, mme a e phetela bana babo, a re: “Mamelang, ke lorile toro e nngwe hape: letsatsi, le kgwedi, le dinaledi tse leshome le motso o mong di ne di nkgumamela.”

Tshimoloho 37