8. Yaba Esau o aha dithabeng tsa Seire. Esau ke Edomo.
9. Lena ke leloko la Esau, eo e leng ntata Baedomo ba phelang dithabeng tsa Seire.
10. Ana ke mabitso a bara ba Esau: Elefase, mora wa Ada, mosadi wa Esau; Reuele, mora wa Basemate, mosadi wa Esau.
11. Bara ba Elefase e ne e le Temana, le Omare, le Sefo, le Gatame, le Kenase.
12. Timina e ne e le mosadi wa lefielo wa Elefase, mora wa Esau, mme eo a tswalla Elefase Amaleke. Bana ke bara ba Ada, mosadi wa Esau.
13. Bara ba Reuele ke bana: Nahate, le Sera, le Shamma, le Misa. Bana ke bara ba Basemate, mosadi wa Esau.
14. Bana ke bara ba Oholebama, moradi wa Ana, mora wa Sibone, mosadi wa Esau. O ile a tswalla Esau Jeushe, le Jalame, le Kora.
15. Ana ke mahosana a bara ba Esau.Bara ba Elefase, letsibolo la Esau, ke bo-kgosana Temana, le Omare, le Sefo, le Kenase,
16. le Kora, le Gatame, le Amaleke. Ana ke mahosana a tswetsweng ke Elefase, naheng ya Edomo; ke bara ba Ada.