7. Maruo a bona a ne a le mangata hoo ba neng ba ke ba aha mmoho; naha eo ba neng ba jakile ho yona e ne e ke ke ya hlola e ba phedisa, ka baka la mehlape ya bona.
8. Yaba Esau o aha dithabeng tsa Seire. Esau ke Edomo.
9. Lena ke leloko la Esau, eo e leng ntata Baedomo ba phelang dithabeng tsa Seire.
10. Ana ke mabitso a bara ba Esau: Elefase, mora wa Ada, mosadi wa Esau; Reuele, mora wa Basemate, mosadi wa Esau.
11. Bara ba Elefase e ne e le Temana, le Omare, le Sefo, le Gatame, le Kenase.
12. Timina e ne e le mosadi wa lefielo wa Elefase, mora wa Esau, mme eo a tswalla Elefase Amaleke. Bana ke bara ba Ada, mosadi wa Esau.