6. Jwale Esau a nka basadi ba hae, le bara ba hae, le baradi ba hae, le bohle ba lelapa la hae; le dikgomo tsa hae, le diphoofolo tsa hae kaofela, le maruo wohle ao a a fumaneng naheng ya Kanana; a ya naheng ya Seire, hole le ngwanabo Jakobo.
7. Maruo a bona a ne a le mangata hoo ba neng ba ke ba aha mmoho; naha eo ba neng ba jakile ho yona e ne e ke ke ya hlola e ba phedisa, ka baka la mehlape ya bona.
8. Yaba Esau o aha dithabeng tsa Seire. Esau ke Edomo.
9. Lena ke leloko la Esau, eo e leng ntata Baedomo ba phelang dithabeng tsa Seire.
10. Ana ke mabitso a bara ba Esau: Elefase, mora wa Ada, mosadi wa Esau; Reuele, mora wa Basemate, mosadi wa Esau.
11. Bara ba Elefase e ne e le Temana, le Omare, le Sefo, le Gatame, le Kenase.
12. Timina e ne e le mosadi wa lefielo wa Elefase, mora wa Esau, mme eo a tswalla Elefase Amaleke. Bana ke bara ba Ada, mosadi wa Esau.
13. Bara ba Reuele ke bana: Nahate, le Sera, le Shamma, le Misa. Bana ke bara ba Basemate, mosadi wa Esau.
14. Bana ke bara ba Oholebama, moradi wa Ana, mora wa Sibone, mosadi wa Esau. O ile a tswalla Esau Jeushe, le Jalame, le Kora.
15. Ana ke mahosana a bara ba Esau.Bara ba Elefase, letsibolo la Esau, ke bo-kgosana Temana, le Omare, le Sefo, le Kenase,
16. le Kora, le Gatame, le Amaleke. Ana ke mahosana a tswetsweng ke Elefase, naheng ya Edomo; ke bara ba Ada.
17. Bana ke bara ba Reuele, mora wa Esau: bo-kgosana Nahate, le Sera, le Shamma, le Misa. Ana ke mahosana a tswetsweng ke Reuele, naheng ya Edomo. Ke bara ba Basemate, mosadi wa Esau.
18. Bana ke bara ba Oholebama, mosadi wa Esau: Bo-kgosana Jeushe, le Jalame, le Kora. Anna ke mahosana a tswetsweng ke Oholebama, moradi wa Ana, mosadi wa Esau.