33. Bela a shwa, mme Jobaba, mora wa Sera wa Bosera, a busa bakeng sa hae.
34. Jobaba a shwa, me Hushame wa naheng ya Batemana, a busa bakeng sa hae.
35. Hushame a shwa, mme Hadade, mora wa Bedade, ya neng a hlole Bamidiane naheng ya Moabe, a busa bakeng sa hae. Lebitso la motse wa hae e ne e le Afite.
36. Hadade a shwa, mme Samela wa Masereka a busa bakeng sa hae.
37. Samela a shwa, mme Shaule wa Rehobote e lebopong la Euferatese, a busa bakeng sa hae.
38. Shaule a shwa, mme Baale-Hanane, mora wa Akabore, a busa bakeng sa hae.
39. Baale-Hanane, mora wa Akabore, a shwa, Hadare a busa bakeng sa hae, mme lebitso la motse wa hae e le Pau. Lebitso la mosadi wa hae e ne e le Mehetabela, moradi wa Materede, moradi wa Me-Sahabe.
40. Ana ke mabitso a mahosana a tswetsweng ke Esau, ho ya ka malapa a wona, le ka dibaka tseo a ahileng ho tsona, le ka mabitso a wona: bokgosana Timina, le Alefa, le Jetete,
41. le Oholebama, le Ela, le Pinone,
42. le Kenase, le Temana, le Mebisare,
43. le Magedeele, le Irame. Ana ke mahosana a Edomo, ke ho re Esau, ntata Baedomo, ho ya ka dibaka tseo a ahileng ho tsona, naheng eo e leng ya wona.