1. Lena ke leloko la Esau, e leng Edomo.
2. Esau o ile a nyala basadi ba Bakanana: Ke Ada, moradi wa Elona wa Mohete; Oholebama, moradi wa Ana, mora wa Sibone wa Mohife;
3. le Basemate, moradi wa Ishemaele, kgaitsedi ya Nebajote.
4. Ada a tswalla Esau Elefase; Basemate a tswala Reuele,
5. mme Oholebama a tswala Jeushe, le Jalame, le Kora. Bana ke bara ba Esau ba tswaletsweng naheng ya Kanana.
6. Jwale Esau a nka basadi ba hae, le bara ba hae, le baradi ba hae, le bohle ba lelapa la hae; le dikgomo tsa hae, le diphoofolo tsa hae kaofela, le maruo wohle ao a a fumaneng naheng ya Kanana; a ya naheng ya Seire, hole le ngwanabo Jakobo.
7. Maruo a bona a ne a le mangata hoo ba neng ba ke ba aha mmoho; naha eo ba neng ba jakile ho yona e ne e ke ke ya hlola e ba phedisa, ka baka la mehlape ya bona.
8. Yaba Esau o aha dithabeng tsa Seire. Esau ke Edomo.