7. A haha aletare hona teng, mme sebaka seo a se rea lebitso la Modimo wa Bethele, hobane ke moo Modimo a ileng a iponahatsa ho yena teng, ha a ne a baleha ngwanabo Esau.
8. Yaba Debora, mohodisi wa Rebeka, o a hlokahala; a epelwa tlasa sefate sa eike, tlase ho Bethele, mme sebaka seo sa rewa lebitso la Eike ya Dillo.
9. Modimo a boela a iponahatsa ho Jakobo, hoba a kgutle Padane-Arame, mme a mo hlohonolofatsa.
10. A re ho yena: “Lebitso la hao o Jakobo; feela ha o sa tla hlola o bitswa Jakobo, empa o tla bitswa Iseraele,” mme a mo rea lebitso la Iseraele.
11. Modimo a re ho yena: “Ke nna Modimo ya matla wohle: Ata, o ngatafale; ho wena ho tla tswa setjhaba, sehlopha sa ditjhabatjhaba, mme o tla tswala dikgosi.
12. Naha eo ke e neileng Aborahama le Isaka, ke tla o nea yona, wena le ditloholo tsa hao.”
13. Jwale Modimo a nyoloha, a mo siya sebakeng seo a neng a bue le yena a le ho sona.
14. Jakobo a hloma mokolokotwane wa lejwe moo Modimo a neng a bue le yena teng; a tshela seno sa nyehelo hodima wona, a ba a o tshela ka ole.
15. Sebaka sena seo Modimo a neng a bua le yena a le ho sona, Jakobo a se rea lebitso la Bethele.
16. Yaba ba tloha Bethele, mme yare ba se ba le haufinyana le ho fihla Eferata, Ragele a tshwarwa ke mahlaba a pelehi, mme a thatafallwa.
17. Ha a ntse a thatafaletswe ke pelehi, mmelehisi a re ho yena: “O se ke wa tshaba, hobane o tla tswala mora e mong hape.”
18. Empa yare ha a le lekgatheng la ho neela moya, hobane o ile a shwa, a rea mora eo lebitso la Bene-Oni, empa ntatae a mo rea lebitso la Benjamine.
19. Ragele a shwa, mme a epelwa tseleng e lebang Eferata, e leng Betlelehema.
20. Lebitleng la hae Jakobo a haha sefika; ke sefika sa lebitla la Ragele se ntseng se le teng le kajenoya-bokajeno.
21. Iseraele a tswela pele leetong la hae, a hloma tente ya hae ka nqane ho Tora ya Dinku.
22. Ha Iseraele a ntse a ahile naheng eo, Rubene a ya robala le Bileha, mosadi wa ntatae wa lefielo, mme Iseraele a tseba taba eo.Jakobo o ne a ena le bara ba leshome le metso e mmedi kaofela.
23. Bara ba Lea ke: Rubene, letsibolo la Jakobo, le Simeone, le Levi, le Juda, le Isakare, le Sabulone.
24. Bara ba Ragele ke Josefa le Benjamine.
25. Bara ba Bileha, lekgabunyane la Ragele, ke Dane le Nafthali.