Tshimoloho 35:6-14 BIBELE (SSO89SO)

6. Jakobo le batho bohle ba neng ba ena le yena ba fihla Lose, e leng Bethele e naheng ya Kanana.

7. A haha aletare hona teng, mme sebaka seo a se rea lebitso la Modimo wa Bethele, hobane ke moo Modimo a ileng a iponahatsa ho yena teng, ha a ne a baleha ngwanabo Esau.

8. Yaba Debora, mohodisi wa Rebeka, o a hlokahala; a epelwa tlasa sefate sa eike, tlase ho Bethele, mme sebaka seo sa rewa lebitso la Eike ya Dillo.

9. Modimo a boela a iponahatsa ho Jakobo, hoba a kgutle Padane-Arame, mme a mo hlohonolofatsa.

10. A re ho yena: “Lebitso la hao o Jakobo; feela ha o sa tla hlola o bitswa Jakobo, empa o tla bitswa Iseraele,” mme a mo rea lebitso la Iseraele.

11. Modimo a re ho yena: “Ke nna Modimo ya matla wohle: Ata, o ngatafale; ho wena ho tla tswa setjhaba, sehlopha sa ditjhabatjhaba, mme o tla tswala dikgosi.

12. Naha eo ke e neileng Aborahama le Isaka, ke tla o nea yona, wena le ditloholo tsa hao.”

13. Jwale Modimo a nyoloha, a mo siya sebakeng seo a neng a bue le yena a le ho sona.

14. Jakobo a hloma mokolokotwane wa lejwe moo Modimo a neng a bue le yena teng; a tshela seno sa nyehelo hodima wona, a ba a o tshela ka ole.

Tshimoloho 35