Tshimoloho 35:23-29 BIBELE (SSO89SO)

23. Bara ba Lea ke: Rubene, letsibolo la Jakobo, le Simeone, le Levi, le Juda, le Isakare, le Sabulone.

24. Bara ba Ragele ke Josefa le Benjamine.

25. Bara ba Bileha, lekgabunyane la Ragele, ke Dane le Nafthali.

26. Bara ba Silepa, lekgabunyane la Lea, ke Gade le Ashere.Bana ke bara ba Jakobo bao a ba tswetseng ha a le Padane-Arame.

27. Jakobo a fihla ho ntatae Isaka, ha a le Mamore, motseng wa Kiriate-Areba, e leng Heborone, moo Aborahama le Isaka ba neng ba jakile teng.

28. Ditshiu tsa ho phela ha Isaka e bile dilemo tse lekgolo le mashome a robedi.

29. Yaba Isaka o neela moya, a shwa, a orohela ho ba habo, a hodile, a atetswe ke ditshiu, mme bara ba hae, Esau le Jakobo, ba mo epela.

Tshimoloho 35