Tshimoloho 35:1-6 BIBELE (SSO89SO)

1. Modimo a re ho Jakobo: “Tsamaya, o nyolohele Bethele, o yo aha teng; teng o hahele Modimo aletare, Modimo ya iponahaditseng ho wena, ha o ne o baleha moholwane wa hao Esau.”

2. Jakobo a re ho ba lelapa la hae le ho bohle ba neng ba ena le yena: “Tlosang medimo esele e teng hara lona, le itlhwekise, le apare diaparo disele, tse hlwekileng.

3. Jwale re yeng, re nyoloheleng Bethele, mme teng ke tla hahela Modimo aletare, yena ya ileng a nkarabela matsatsing a mahlomola a ka, ya bileng le nna maetong wohle a ka.”

4. Ba nea Jakobo medimo esele kaofela ha yona, le masale a neng a le ditsebeng tsa bona; tsena tsohle Jakobo a di tjhekela tlasa sefate sa eike, pela Shekeme.

5. Yaba ba tswela pele leetong la bona, Modimo a kenya tshabo e kgolo metseng eo ba neng ba feta ho yona, hoo baahi ba yona ba sa kang ba futuhela bara ba Jakobo.

6. Jakobo le batho bohle ba neng ba ena le yena ba fihla Lose, e leng Bethele e naheng ya Kanana.

Tshimoloho 35