7. Ha bara ba Jakobo ba kgutla naheng, ba utlwa taba ena. Banna bana ba tlalwa ke dipelo, ba halefa haholo, hobane Shekeme o ne a tlisitse manyala Iseraeleng, ka ho beta moradi wa Jakobo, e leng ntho e sa tshwaneleng ho etswa.
8. Yaba Hamore o bua le bona, o re: “Moya wa mora wa ka Shekeme o labalabela moradi wa hao; ke a le rapela, mo neeng yena e be mosadi wa hae.
9. A re nyallaneng; re neeng baradi ba lona, mme le lona le inkele baradi ba rona.
10. Le tla ahisana le rona, le phele moo le ratang teng naheng ena; le ahe ho yona, le hwebe ho yona, mme le rue ka yona.”
11. Shekeme a re ho ntata morwetsana le ho dikgaitsedi tsa hae: “Nkgauheleng, mme eng kapa eng eo le e batlang ho nna le tla e fumana.
12. Ereng ke ntshe bohadi bo bongata le dimpho tse ngata, mme ke tla le nea kamoo le batlang kateng, ha feela le ka mpha mosetsana hore e be mosadi wa ka.”
13. Bara ba Jakobo ba arabela Shekeme le ntatae Hamore ka mano, hobane o ne a ile a silafatsa kgaitsedi ya bona, Dina.
14. Ba re ho yena: “Re ke ke ra etsa ntho e kang ena, ra nea kgaitsedi ya rona leqai, hobane hoo ho ka re tlontlolla.
15. Re ka dumela feela haeba le dumela ho ba jwaloka rona: e mong le e mong wa lona e motona a bolotswe.
16. Jwale ke hona re ka le neang baradi ba rona, le rona ra inkela baradi ba lona, ra aha le lona, ra ba setjhaba se le seng.
17. Empa haeba le sa re mamele, mme le sa bolle, re tla nka kgaitsedi ya rona, re tsamaye.”
18. Dipolelo tsa bona tsa thabisa Hamore le mora wa hae Shekeme.
19. Mohlankana a se ke a ba a dieha ho phetha taba eo, hobane o ne a kgahlilwe ke moradi wa Jakobo. Shekeme o ne a hlomphuwa ho feta bohle lapeng labo.
20. Yaba Hamore le mora wa hae Shekeme ba fihla kgorong ya motse wa habo bona, ba bua le batho ba motse oo, ba re:
21. “Batho bana ke batho ba kgotso; a re ba dumelleng ho aha le ho hweba naheng ena. Naha ena e kgolo, e ka ba lekana; a re nyallaneng le bona.
22. Banna bana ba ka dumela ho aha le rona, hore e be setjhaba se le seng le rona, ha feela e mong le e mong e motona wa rona a ka bolotswa, jwalokaha le bona ba bolotse.