Tshimoloho 34:28-31 BIBELE (SSO89SO)

28. Ba nka mehlape ya bona ya dinku, le ya dikgomo, le ditonki tsa bona, le tsohle tse neng di le motseng le naheng.

29. Ba hahara le maruo a bona wohle, le bana ba bona le basadi ba bona bohle; le tsohle tse neng di le ka matlung a bona ba di hapa, ya eba thepa ya bona.

30. Yaba Jakobo o re ho Simeone le Levi: β€œLe ntliseditse tsietsi ka ho ntlhobohanya le baahi ba naha ena, e leng Bakanana le Baperise. Palo ya batho ba ka e a fokola, mme haeba ba ka ikopanya, ba ntwantsha, nna le ba ntlo ya ka re tla timetswa.”

31. Empa bona ba re: β€œA etse kgaitsedi ya rona jwalokaha eka ke seotswa?”

Tshimoloho 34