Tshimoloho 34:26-30 BIBELE (SSO89SO)

26. Ba bolaya Hamore le mora wa hae Shekeme ka sabole, mme ba ntsha Dina ka tlung ya Shekeme, ba itsamaela.

27. Bara ba Jakobo ba fihla ho ba bolailweng, ba hapa matlotlo a motse wohle, kaha kgaitsedi ya bona e ne e tlontlollotswe.

28. Ba nka mehlape ya bona ya dinku, le ya dikgomo, le ditonki tsa bona, le tsohle tse neng di le motseng le naheng.

29. Ba hahara le maruo a bona wohle, le bana ba bona le basadi ba bona bohle; le tsohle tse neng di le ka matlung a bona ba di hapa, ya eba thepa ya bona.

30. Yaba Jakobo o re ho Simeone le Levi: “Le ntliseditse tsietsi ka ho ntlhobohanya le baahi ba naha ena, e leng Bakanana le Baperise. Palo ya batho ba ka e a fokola, mme haeba ba ka ikopanya, ba ntwantsha, nna le ba ntlo ya ka re tla timetswa.”

Tshimoloho 34