25. Ka letsatsi la boraro, ha batho bana ba ntse ba petla, bara ba babedi ba Jakobo, Simeone le Levi, dikgaitsedi tsa Dina, ba nka disabole tsa bona, ba futuhela motse lesumatha, ba bolaya bohle ba batona.
26. Ba bolaya Hamore le mora wa hae Shekeme ka sabole, mme ba ntsha Dina ka tlung ya Shekeme, ba itsamaela.
27. Bara ba Jakobo ba fihla ho ba bolailweng, ba hapa matlotlo a motse wohle, kaha kgaitsedi ya bona e ne e tlontlollotswe.
28. Ba nka mehlape ya bona ya dinku, le ya dikgomo, le ditonki tsa bona, le tsohle tse neng di le motseng le naheng.