19. Mohlankana a se ke a ba a dieha ho phetha taba eo, hobane o ne a kgahlilwe ke moradi wa Jakobo. Shekeme o ne a hlomphuwa ho feta bohle lapeng labo.
20. Yaba Hamore le mora wa hae Shekeme ba fihla kgorong ya motse wa habo bona, ba bua le batho ba motse oo, ba re:
21. “Batho bana ke batho ba kgotso; a re ba dumelleng ho aha le ho hweba naheng ena. Naha ena e kgolo, e ka ba lekana; a re nyallaneng le bona.
22. Banna bana ba ka dumela ho aha le rona, hore e be setjhaba se le seng le rona, ha feela e mong le e mong e motona wa rona a ka bolotswa, jwalokaha le bona ba bolotse.
23. Na dikgomo tsa bona, le maruo a bona, le diphoofolo tsohle tsa bona, ha e na ho ba tsa rona? Rona a re dumellaneng feela le bona, mme ba tla aha le rona.”
24. Banna bohle ba motse ba mamela Hamore le mora wa hae Shekeme, mme banna bohle ba motse ba bolotswa.
25. Ka letsatsi la boraro, ha batho bana ba ntse ba petla, bara ba babedi ba Jakobo, Simeone le Levi, dikgaitsedi tsa Dina, ba nka disabole tsa bona, ba futuhela motse lesumatha, ba bolaya bohle ba batona.
26. Ba bolaya Hamore le mora wa hae Shekeme ka sabole, mme ba ntsha Dina ka tlung ya Shekeme, ba itsamaela.