2. A eteletsa makgabunyane le bana ba wona pele, a latelwa ke Lea le bana ba hae, mme bo-Ragele le Josefa ba eba kamorao ho bohle.
3. Jakobo yena a fetela kapele ho bona, a itihela fatshe hasupa, ho fihlela a atamela ho ngwanabo.
4. Empa Esau a matha ho mo kgahlanyetsa, a mo kopa molaleng, a mo aka, mme ba lla.
5. Yare ha Esau a phahamisa mahlo, mme a bona basadi le bana, a re: “Ke bo-mang baa ba nang le wena?”Jakobo a re: “Ke bana bao Modimo a ba fileng mohlanka wa hao ka mohau.”
6. Makgabunyane a atamela, wona le bana ba wona, mme a itihela fatshe.
7. Lea le yena a atamela le bana ba hae, mme ba itihela fatshe. Qetellong ha atamela Josefa le Ragele, le bona ba itihela fatshe.
8. Yaba Esau o re: “O bolela eng ka dihlopha tsee tsohle, tseo ke kopaneng le tsona?”Jakobo a re: “Ke hore morena ka a nkgauhele.”
9. Empa Esau a re: “Ha ke hloke letho ngwaneso, ipolokele seo a nang le sona.”
10. Jakobo a re: “Tjhe bo, ke a o rapela; haeba o nkgauhetse, amohela mpho eo ke o neang yona, hobane ke bone sefahleho sa hao, jwalokaha eka ke bona sefahleho sa Modimo, mme wa nkamohela ka thabo.
11. Ako amohele mpho ya ka hle, eo ke o tliseditseng yona, hobane Modimo o ile a nkgauhela, le hobane ke na le tse ntekaneng.” A mo pheella, mme Esau a amohela mpho eo.
12. Jwale Esau a re: “A re tsamayeng, mme ke tla le etella pele.”
13. Jakobo a re ho yena: “Morena ka o a tseba hore bana ba a fokola, ke na le mehlape ya dikgomo le ya dinku e nyantshang, mme ha di ka potlakiswa letsatsi le le leng feela, mehlape yohle e tla shwa.