11. Ako amohele mpho ya ka hle, eo ke o tliseditseng yona, hobane Modimo o ile a nkgauhela, le hobane ke na le tse ntekaneng.” A mo pheella, mme Esau a amohela mpho eo.
12. Jwale Esau a re: “A re tsamayeng, mme ke tla le etella pele.”
13. Jakobo a re ho yena: “Morena ka o a tseba hore bana ba a fokola, ke na le mehlape ya dikgomo le ya dinku e nyantshang, mme ha di ka potlakiswa letsatsi le le leng feela, mehlape yohle e tla shwa.
14. Ke kopa hore morena ka a etelle mohlanka wa hae pele, mme nna ke tla tsamaya butle, ke iketlile, ho latela mokgwa oo dikgomo tseo ke di qhobang di tsamayang ka wona, le ho latela mokgwa oo bana ba tsamayang ka wona, ho fihlela ke fihla Seire, ho morena wa ka.”
15. Yaba Esau o re: “A nke ke o siele banna ba bang ba ka.”Empa Jakobo a re: “Hobaneng? Ha ke mpe ke hauhelwe ke morena ka.”
16. Ka lona letsatsi leo Esau a kgutlela Seire;
17. Jakobo yena a ya Sukote, a ikgahela ntlo teng, a hahela le mehlape ya hae masaka. Ka baka leo, a rea sebaka seo lebitso la Sukote.
18. Jakobo a fihla ka kgotso motseng wa Shekeme, naheng ya Kanana, a etswa Padane-Arame; a hloma ditente tsa hae pela motse oo.
19. Setsha seo a hlomileng tente ya hae ho sona a se reka ho bara ba Hamore, ntata Shekeme, ka ditjhelete tse lekgolo.
20. A haha aletare teng, a e bitsa Modimo, Modimo wa Iseraele.