1. Jakobo a phahamisa mahlo, a tadima, mme a bona Esau a etla a ena le banna ba makgolo a mane. Yaba o arola bana: Ba Lea, le ba Ragele, le ba makgabunyane a mabedi.
2. A eteletsa makgabunyane le bana ba wona pele, a latelwa ke Lea le bana ba hae, mme bo-Ragele le Josefa ba eba kamorao ho bohle.
3. Jakobo yena a fetela kapele ho bona, a itihela fatshe hasupa, ho fihlela a atamela ho ngwanabo.
4. Empa Esau a matha ho mo kgahlanyetsa, a mo kopa molaleng, a mo aka, mme ba lla.
5. Yare ha Esau a phahamisa mahlo, mme a bona basadi le bana, a re: “Ke bo-mang baa ba nang le wena?”Jakobo a re: “Ke bana bao Modimo a ba fileng mohlanka wa hao ka mohau.”
6. Makgabunyane a atamela, wona le bana ba wona, mme a itihela fatshe.
7. Lea le yena a atamela le bana ba hae, mme ba itihela fatshe. Qetellong ha atamela Josefa le Ragele, le bona ba itihela fatshe.
8. Yaba Esau o re: “O bolela eng ka dihlopha tsee tsohle, tseo ke kopaneng le tsona?”Jakobo a re: “Ke hore morena ka a nkgauhele.”
9. Empa Esau a re: “Ha ke hloke letho ngwaneso, ipolokele seo a nang le sona.”
10. Jakobo a re: “Tjhe bo, ke a o rapela; haeba o nkgauhetse, amohela mpho eo ke o neang yona, hobane ke bone sefahleho sa hao, jwalokaha eka ke bona sefahleho sa Modimo, mme wa nkamohela ka thabo.