Tshimoloho 32:4-14 BIBELE (SSO89SO)

4. A laela maqosa ao, a re: “Le tle le bue tjena ho morena ka, Esau: <Mohlanka wa hao, Jakobo, o bua tjena: Ke ne ke jakile ha Labane, ka dula teng ho fihlela jwale.

5. Ke na le dikgomo, le ditonki, le mehlape ya dinku, le bahlanka, le makgabunyane, mme ke behela wena morena wa ka hore o tle o nkgauhele.> ”

6. Maqosa a kgutlela ho Jakobo, a re: “Re ile ra fihla ho moholwane wa hao Esau, mme le yena o ntse a etla ho tla o kgahlanyetsa, a ena le banna ba makgolo a mane.”

7. Jakobo a tshoha haholo, a tshwenyeha. A arola batho bao a neng a ena le bona, le mehlape ya dinku le ya dikgomo, le dikamele, a etsa dihlopha tse pedi.

8. Yaba o re: “Haeba Esau a ka fihla sehlopheng sa pele, a se ripitla, sehlopha se setseng se tla phonyoha.”

9. Jakobo a rapela, a re: “Modimo wa ntate Aborahama, le Modimo wa ntate Isaka, wena Morena ya itseng ho nna: <Kgutlela naheng ya heno le ho bang ka wena, mme ke tla o tswela molemo>,

10. ha ke tshwanelwe ke mohau wohle le botshepehi bohle, e leng tseo o sebeleditseng mohlanka wa hao ka tsona. Ke ne ke tshele Jorodane ke nkile molamu wa ka feela, empa jwale ke na le dihlopha tse pedi.

11. Ke a o rapela, ako nnamolele matsohong a moholwane wa ka, matsohong a Esau, hobane ke a mo tshaba, esere a tla, a mpolaya le basadi le bana.

12. Hape wa na wa re: <Ke tla o tswela molemo, ke atise ditloholo tsa hao, di be kaalo ka lehlabathe la lewatle, le ke keng la balwa ka baka la bongata.> ”

13. A robala moo bosiung boo, mme ho tseo a di ruileng a ntshetsa moholwane wa hae Esau mpho.

14. E ne e le dipodi tse makgolo a mabedi, le diphooko tse mashome a mabedi; dinku tse makgolo a mabedi, le dipheleu tse mashome a mabedi;

Tshimoloho 32