Tshimoloho 32:16-32 BIBELE (SSO89SO)

16. Tsena a di nea bahlanka ba hae, mohlape ka mong o tsamaya ka bowona, mme a re ho bahlanka ba hae: “Nketelleng pele, mehlape ya lona e sielane sebaka dipakeng.”

17. A laela ya kgannang mohlape wa pele, a re: “Ha o teana le Esau, moholwane wa ka, mme a o botsa, a re: <O mohlanka wa mang? O ya kae? Dintho tsee, tseo o di kgannang, ke tsa mang?>

18. Wena o tle o re: <Ke tsa mohlanka wa hao Jakobo; ke mpho eo a e romelang ho morena wa ka Esau. Le yena o ntse a etla kamorao ho rona.> ”

19. A laela le ya kgannang mohlape wa bobedi, le wa boraro, le bohle ba kgannang mehlape, a re: “Le lona le tle le bue jwalo ho Esau, ha le teana le yena,

20. mme le be le re: <Le yena mohlanka wa hao Jakobo o ntse a etla kamorao ho rona.> ” Jakobo o ne a re: “Ke tla mo thoba pelo ka dimpho tse nketeletseng pele, mme hamorao ha ke tadimana le yena, mohlomong a ka nkamohela.”

21. Dimpho tseo tsa mo etella pele, yena a robala moo a neng a hlomile teng.

22. Bosiung bona boo Jakobo a tsoha, a nka basadi ba hae ba babedi le makgabunyane a hae a mabedi, le bara ba hae ba leshome le motso o mong, a tshela ledibohong la Jaboko.

23. A ba nka, a ba tshedisa noka, a tshedisa le tseo a nang le tsona.

24. Yaba Jakobo o sala a inotshi mme a kolokotjhana le monna e mong ho fihlela mafube a hlaha.

25. Monna eo ha a bona hore a ke ke a hlola Jakobo, a mo nonyetsa nokeng, mme ka hona noka ya Jakobo ya nonyetseha ha ba ntse ba kolokotjhana.

26. Yaba monna eo o re: “Ntlohele ke tsamaye, hobane mafube a hlahile!”Empa Jakobo a re: “Ha nka ke ka o tlohela wa tsamaya, haese haeba o ka ntlhohonolofatsa!”

27. Eo a re ho Jakobo: “Lebitso la hao a mang?”Yena a re: “Ke Jakobo.”

28. Yaba monna eo o re: “Ha o sa tla hlola o bitswa Jakobo, empa o tla bitswa Iseraele, hobane o lwanne le Modimo le batho, mme o hlotse.”

29. Jakobo a mmotsa, a re: “Ako mpolelle lebitso la hao hle!”Empa eo a re: “O mpotsetsang lebitso la ka?” Yaba o mo hlohonolofaletsa hona moo.

30. Jakobo a rea sebaka seo lebitso la Peniele, hobane o ne a re: “Ke bone Modimo ka mahlo, empa ke ntse ke phela.”

31. Letsatsi la mo tjhabela ha a feta Peniele, a ntse a hlotsa, ka baka la noka ya hae.

32. Ka baka lena, le kajenoya-bokajeno Baiseraele ha ba je mosifa wa noka, o lenonyeletsong la noka, kaha Jakobo a ne a nonyetswe mosifeng oo wa noka.

Tshimoloho 32