11. Ke a o rapela, ako nnamolele matsohong a moholwane wa ka, matsohong a Esau, hobane ke a mo tshaba, esere a tla, a mpolaya le basadi le bana.
12. Hape wa na wa re: <Ke tla o tswela molemo, ke atise ditloholo tsa hao, di be kaalo ka lehlabathe la lewatle, le ke keng la balwa ka baka la bongata.> ”
13. A robala moo bosiung boo, mme ho tseo a di ruileng a ntshetsa moholwane wa hae Esau mpho.
14. E ne e le dipodi tse makgolo a mabedi, le diphooko tse mashome a mabedi; dinku tse makgolo a mabedi, le dipheleu tse mashome a mabedi;
15. dikamele tse nyantshang tse mashome a mararo mmoho le dipetsana tsa tsona; dikgomo tse mashome a mane, le dipoho tse leshome; le ditonki tse mashome a mabedi tse tshehadi, le dipetsana tse leshome.
16. Tsena a di nea bahlanka ba hae, mohlape ka mong o tsamaya ka bowona, mme a re ho bahlanka ba hae: “Nketelleng pele, mehlape ya lona e sielane sebaka dipakeng.”
17. A laela ya kgannang mohlape wa pele, a re: “Ha o teana le Esau, moholwane wa ka, mme a o botsa, a re: <O mohlanka wa mang? O ya kae? Dintho tsee, tseo o di kgannang, ke tsa mang?>
18. Wena o tle o re: <Ke tsa mohlanka wa hao Jakobo; ke mpho eo a e romelang ho morena wa ka Esau. Le yena o ntse a etla kamorao ho rona.> ”
19. A laela le ya kgannang mohlape wa bobedi, le wa boraro, le bohle ba kgannang mehlape, a re: “Le lona le tle le bue jwalo ho Esau, ha le teana le yena,
20. mme le be le re: <Le yena mohlanka wa hao Jakobo o ntse a etla kamorao ho rona.> ” Jakobo o ne a re: “Ke tla mo thoba pelo ka dimpho tse nketeletseng pele, mme hamorao ha ke tadimana le yena, mohlomong a ka nkamohela.”
21. Dimpho tseo tsa mo etella pele, yena a robala moo a neng a hlomile teng.
22. Bosiung bona boo Jakobo a tsoha, a nka basadi ba hae ba babedi le makgabunyane a hae a mabedi, le bara ba hae ba leshome le motso o mong, a tshela ledibohong la Jaboko.
23. A ba nka, a ba tshedisa noka, a tshedisa le tseo a nang le tsona.
24. Yaba Jakobo o sala a inotshi mme a kolokotjhana le monna e mong ho fihlela mafube a hlaha.
25. Monna eo ha a bona hore a ke ke a hlola Jakobo, a mo nonyetsa nokeng, mme ka hona noka ya Jakobo ya nonyetseha ha ba ntse ba kolokotjhana.