1. Ha Jakobo a ntse a tswela pele leetong la hae, mangeloi a Modimo a kopana le yena,
2. mme yare ha Jakobo a a bona, a re: “Lena ke lebotho la Modimo!” Yaba o rea sebaka seo lebitso la Mahanaime.
3. Jakobo a eteletsa maqosa pele ho ya ho moholwane wa hae Esau, naheng ya Seire, lefatsheng la Edomo.
4. A laela maqosa ao, a re: “Le tle le bue tjena ho morena ka, Esau: <Mohlanka wa hao, Jakobo, o bua tjena: Ke ne ke jakile ha Labane, ka dula teng ho fihlela jwale.
5. Ke na le dikgomo, le ditonki, le mehlape ya dinku, le bahlanka, le makgabunyane, mme ke behela wena morena wa ka hore o tle o nkgauhele.> ”
6. Maqosa a kgutlela ho Jakobo, a re: “Re ile ra fihla ho moholwane wa hao Esau, mme le yena o ntse a etla ho tla o kgahlanyetsa, a ena le banna ba makgolo a mane.”
7. Jakobo a tshoha haholo, a tshwenyeha. A arola batho bao a neng a ena le bona, le mehlape ya dinku le ya dikgomo, le dikamele, a etsa dihlopha tse pedi.
8. Yaba o re: “Haeba Esau a ka fihla sehlopheng sa pele, a se ripitla, sehlopha se setseng se tla phonyoha.”
9. Jakobo a rapela, a re: “Modimo wa ntate Aborahama, le Modimo wa ntate Isaka, wena Morena ya itseng ho nna: <Kgutlela naheng ya heno le ho bang ka wena, mme ke tla o tswela molemo>,