Tshimoloho 31:43-55 BIBELE (SSO89SO)

43. Yaba Labane o a araba, o re ho Jakobo: “Baradi bana ke baradi ba ka, bana bana ke bana ba ka, le mohlape ona ke mohlape wa ka, mme le tsohle tseo o di bonang ke tsa ka. Empa kajeno nka etsang ho baradi ba ka, le ho bana bao ba ba tswetseng?

44. Tloo jwale, re etse selekane le wena, mme e be bopaki pakeng tsa rona le wena.”

45. Jakobo a nka lejwe, a hloma mokolokotwane.

46. Yaba Jakobo o re ho bana babo: “Bokellang majwe!” Ba nka majwe ba etsa qubu, mme ba jella qubung eo.

47. Labane a re qubu eo ke Jegare-Sahaduta, empa Jakobo yena a e bitsa Galede.

48. Labane a re: “Qubu ena ke paki pakeng tsa rona le wena kajeno.” Ka lebaka leo a e bitsa Galede,

49. mme mokolokotwane a o bitsa Misepa, hobane o ile a re: “Morena a lebele pakeng tsa rona le wena, ha re se re arohane.

50. Haeba o ka hlorisa baradi ba ka, kapa haeba o ka inkela basadi ba bang kantle ho baradi ba ka, le hoja ho se na motho ya nang le rona, bona, Modimo ke paki pakeng tsa rona le wena.”

51. Yaba Labane o re ho Jakobo: “Bona qubu ena le mokolokotwane ona, oo ke o beileng pakeng tsa rona le wena.

52. Qubu ena ke paki, le mokolokotwane ona ke paki ya hore nke ke ka feta mokolokotwane ona, le wena o ke ke wa feta mokolokotwane ona ho tla ntwantsha.

53. Modimo wa Aborahama, le Modimo wa Nakore, le Modimo wa bo-ntata bona, a re ahlolele.”Jwale, Jakobo a hlapanya ka Ya Tshajwang ke ntatae Isaka.

54. Jakobo a etsa sehlabelo thabeng, a bitsa bana babo ho tla ja; yaba ba ja, ba robala thabeng.

55. Labane a tsoha ka madungwadungwana, a aka ditloholo tsa hae, le baradi ba hae, a ba hlohonolofatsa, yaba o a tsamaya, o kgutlela ha hae.

Tshimoloho 31