3. Yaba Morena o re ho Jakobo: “Kgutlela naheng ya bo-ntatao le ho bang ka wena, mme ke tla ba le wena.”
4. Jwale Jakobo a romela hore a bitsetswe Ragele le Lea, ba tle naheng, mohlapeng wa hae,
5. mme a re ho bona: “Ke bona hore sefahleho sa ntata lona ha se sa le jwaloka maoba le maobane. Empa Modimo wa ntate o nnile a ba le nna.
6. Le a tseba hore ke sebeleditse ntata lona ka matla a ka wohle;
7. feela ntata lona o nqhekanyeditse, mme ka makgetlo a leshome a fetola moputso wa ka. Empa Modimo ha a a ka a mo dumella ho nketsetsa bokgopo.
8. Ha a ne a re: <Moputso wa hao e tla ba tse rolo, le tse tshasana>; mohlape wohle o ne o ye o tswale tse rolo, le tse tshasana, mme ha a ne a re: <Moputso wa hao e tla ba tse phatshwana, le tse thoboshana>; mohlape wohle o ne o ye o tswale tse phatshwana, le tse thoboshana.
9. Modimo o amohile ntata lona diphoofolo tsa hae, mme a nnea tsona.
10. “Ka nako eo mohlape o nehelwang ka yona, eitse ha ke phahamisa mahlo, ka bona torong hore diphooko tse neng di tlolela mohlape e ne e le tse rolo le tse phatshwa, le tse putswa.
11. “Lengeloi la Morena la re ho nna torong: <Jakobo!>“Ka re: <Ke nna enwa!>
12. “Yaba le re: <Phahamisa mahlo, o bone; diphooko tsohle tse tlolelang mohlape ke tse rolo, le tse phatshwa, le tse putswa, hobane ke bone tsohle tseo Labane a di etsang ho wena.
13. Ke nna Modimo wa Bethele, mane moo o neng o tshele mokolokotwane ka ole, mme wa nketsetsa kano teng. Jwale tsamaya, o tlohe naheng ena, mme o kgutlele naheng eo o tswaletsweng ho yona.> ”
14. Yaba bo-Ragele le Lea ba arabela, ba re: “Na re sa na le seabo le lefa tlung ya ntata rona?
15. Na ha a ya re nka re se re le baditjhaba? O re rekisitse, mme o jele dikgomo tsa bohadi ba rona!
16. Maruo wohle ao Modimo a a amohileng ntata rona, ke a rona le a bana ba rona. Jwale etsa tsohle tseo Modimo a o boleletseng tsona.”
17. Yaba Jakobo o a ema, o palamisa bana ba hae, le basadi ba hae dikameleng.