Tshimoloho 31:23-41 BIBELE (SSO89SO)

23. Yaba o nka bana babo, o lelekisa Jakobo ka matsatsi a supileng, mme a fihla ho yena thabeng ya Gileade.

24. Empa Modimo a fihla ho Labane wa Moarame ka toro, bosiu, a re ho yena: “Hlokomela, o se ke wa buisa Jakobo hantle kapa hampe.”

25. Labane a fihla ho Jakobo, moo Jakobo o hlomileng tente ya hae thabeng, mme Labane le bana babo le bona ba hloma ditente tsa bona thabeng ya Gileade.

26. Yaba Labane o re ho Jakobo: “O entseng, ha o nthobetse tjee, mme o nkile baradi ba ka jwalokaha eka ba hapilwe ntweng?

27. Ke hobaneng ha o balehile ka lenyele, o nthobetse, mme o sa ka wa ntsebisa, athe nka be ke o feleheditse ka thabo le ka dipina, le ka meropa le ka harepa?

28. Ke hobaneng o sa mphang sebaka sa hore nke ke ake bara ba ka le baradi ba ka? Ruri o sebeditse ka bothoto.

29. Ke na le matla a ho o etsa hampe, empa ka bosiu bo fetileng Modimo wa ntatao o ile a bua le nna, a re: <Hlokomela, o se ke wa buisa Jakobo hantle kapa hampe.>

30. Jwale ha o tsamaile, hobane o ne o se o hlolohetswe lelapa leno, medimo ya ka yona o e utsweditseng?”

31. Jakobo a araba, a re ho Labane: “Ke hobane ke ne ke tshaba, ke hopola hore o tla nkamoha baradi ba hao ka dikgoka.

32. Mang kapa mang eo medimo ya hao e tla fumanwa ho yena, a ke ke a phela. Batla seng seo sa hao, moo bana babo rona ba ntseng ba bona, o se nke!” Jakobo o ne a sa tsebe hore Ragele o utswitse medimo eo.

33. Labane a kena ka tenteng ya Jakobo, le ka tenteng ya Lea, le ka tenteng ya makgabunyane a mabedi, empa a se ke a fumana medimo eo. A tswa ka tenteng ya Lea, a kena ka tenteng ya Ragele.

34. Ragele o ne a nkile medimo ya ntatae, a e beile katlasa qhana ya kamele mme a dutse hodima yona. Labane a phenya hohle ka tenteng, empa a se ke a e fumana.

35. Yaba Ragele o re ho ntatae: “Morena ka, o se ke wa nkgalefela, ha e le mona ke sitwa ho ema kapele ho wena, hobane ke ile dinakong tsa ka.” Labane a batla, empa a se ke a fumana medimo ya lelapa la hae.

36. Jwale Jakobo a halefa, a omanya Labane. Jakobo a re ho Labane: “Molato wa ka ke ofe? Sebe sa ka ke sefe, ha e le moo o ntelekisa ka matla tjee?

37. Ha e le moo o phentse diphahlong tsa ka tsohle, o fumane eng ya diphahlo tsa hao? E bee mona, kapele ho bana beso le bana beno, e le hore ba tle ba re ahlolele.

38. “Ka dilemo tsena tse mashome a mabedi tseo ke bileng le wena ka tsona, dinku tsa hao le dipodi tsa hao ha di a ka tsa folotsa, mme ha ke eso ka ke itjella dipheleu tsa mohlape wa hao.

39. Ha ke a ka ka o tlitsetsa tse harotsweng ke dibatana; tseo e ile ya eba tse senyehetseng nna, hobane o ile wa di batla matsohong a ka, ebang di ne di utswitswe motsheare kapa bosiu.

40. Motsheare letsatsi le ne le ntjhesa, bosiu ke hatsela, mme ke hlobaela. Ke seo ke neng ke le sona.

41. Ka lemo tsena tse mashome a mabedi ke bile ka tlung ya hao; ka tse leshome le metso e mene tsa tsona ka sebeletsa ho fumana baradi ba hao ba babedi, mme ka lemo tse tsheletseng ka sebeletsa mehlape ya hao. Ka makgetlo a leshome o ile wa fetola moputso wa ka.

Tshimoloho 31