15. Na ha a ya re nka re se re le baditjhaba? O re rekisitse, mme o jele dikgomo tsa bohadi ba rona!
16. Maruo wohle ao Modimo a a amohileng ntata rona, ke a rona le a bana ba rona. Jwale etsa tsohle tseo Modimo a o boleletseng tsona.”
17. Yaba Jakobo o a ema, o palamisa bana ba hae, le basadi ba hae dikameleng.
18. A kganna diphoofolo tsa hae kaofela, a nka le thepa ya hae yohle, eo a e sebeleditseng, le leruo la diphoofolo leo a le fumaneng Padane-Arame, a kgutlela ho ntatae Isaka, naheng ya Kanana.
19. Ha Labane a ilo kuta dinku tsa hae, Ragele a utswa medimo ya lelapa la ntatae.
20. Jakobo a thobela Labane wa Moarame, hobane o ne a sa ka a mmolella hore o lekgatheng la ho tsamaya.
21. A baleha le tsohle tsa hae, mme ha a tloha a tshela noka ya Euferatese, a leba thabeng ya Gileade.
22. Ka letsatsi la boraro Labane a tsebiswa hore Jakobo o balehile.
23. Yaba o nka bana babo, o lelekisa Jakobo ka matsatsi a supileng, mme a fihla ho yena thabeng ya Gileade.
24. Empa Modimo a fihla ho Labane wa Moarame ka toro, bosiu, a re ho yena: “Hlokomela, o se ke wa buisa Jakobo hantle kapa hampe.”
25. Labane a fihla ho Jakobo, moo Jakobo o hlomileng tente ya hae thabeng, mme Labane le bana babo le bona ba hloma ditente tsa bona thabeng ya Gileade.
26. Yaba Labane o re ho Jakobo: “O entseng, ha o nthobetse tjee, mme o nkile baradi ba ka jwalokaha eka ba hapilwe ntweng?
27. Ke hobaneng ha o balehile ka lenyele, o nthobetse, mme o sa ka wa ntsebisa, athe nka be ke o feleheditse ka thabo le ka dipina, le ka meropa le ka harepa?
28. Ke hobaneng o sa mphang sebaka sa hore nke ke ake bara ba ka le baradi ba ka? Ruri o sebeditse ka bothoto.
29. Ke na le matla a ho o etsa hampe, empa ka bosiu bo fetileng Modimo wa ntatao o ile a bua le nna, a re: <Hlokomela, o se ke wa buisa Jakobo hantle kapa hampe.>