1. Jakobo a utlwa dipuo tsa bara ba Labane, tse reng: “Jakobo o nkile tsohle tseo e neng e le tsa ntata rona, mme leruo lena lohle o le fumane ka tse tswang ho ntata rona.”
2. Jakobo a tadima sefahleho sa Labane, mme a bona hore ha se sa le jwaloka maoba le maobane.
3. Yaba Morena o re ho Jakobo: “Kgutlela naheng ya bo-ntatao le ho bang ka wena, mme ke tla ba le wena.”
4. Jwale Jakobo a romela hore a bitsetswe Ragele le Lea, ba tle naheng, mohlapeng wa hae,
5. mme a re ho bona: “Ke bona hore sefahleho sa ntata lona ha se sa le jwaloka maoba le maobane. Empa Modimo wa ntate o nnile a ba le nna.