Tshimoloho 30:28-41 BIBELE (SSO89SO)

28. A ba a re: “Bolela moputso oo o o batlang, mme ke tla o nea wona.”

29. Jakobo a re ho Labane: “Wena o tseba kamoo ke ileng ka o sebeletsa kateng, le kamoo ke atlehisitseng mehlape ya hao kateng.

30. Pele ke fihla o ne o ena le dintho tse seng kae, empa jwale di eketsehile, ke mehlapehadi, mme Morena o o hlohonolofaditse ka tsohle, hohle moo ke neng ke eya teng. Jwale nna ke tla sebeletsa lelapa la ka neng?”

31. Labane a re: “Ke o nee eng?”Jakobo a re: “O se ke wa nnea letho; haeba o ka nketsetsa ntho ena, ke tla boela ke dise mohlape wa hao hape, ke o baballe.

32. Ke tla hlahloba mohlape wohle wa hao kajeno, ke kgethe dinku tsohle tse tshasana, le tse thoboshana, le dikonyana tsohle tse ntsho, le dipodi tse rolo le tse pudutswana. Tseo he, e tla ba tsona moputso wa ka.

33. Ho tshepahala ha ka ho tla bonahala kamoso, ha o etla hore re hlahlobisane tsa moputso wa ka. Dipodi tsohle tse seng rolo, le dikonyana tse seng ntsho, ha di ka fumanwa mohlapeng wa ka, e tla ba ke di utswitse.”

34. Yaba Labane o re: “Ke hantle! Ha ho be jwalokaha o bolela.”

35. Ka lona letsatsi leo Labane a kgetha diphooko tsohle tse rolo le tse putswa, le dipodi tsohle tse rolwana le tse pudutswana le tsohle tse phatshwana, le dikonyana tsohle tse ntsho, a di siya matsohong a bara ba Jakobo.

36. Tsa kgannwa ho iswa sebakeng se lekanang le leeto la matsatsi a mararo, ho tloha moo yena le Jakobo ba neng ba le hona teng, mme Jakobo a disa mehlape ya Labane e setseng.

37. Jakobo a nka dithutswana tse tala tsa difate tsa popoliri, le tsa perekisi, le tsa sefate sa hoki, a di ebola, a di etsa metaka e mesweu, mme a hlahisa bosweu bo ho tsona.

38. A bea dithutswana tseo a di ebotseng kapele ho mehlape ka dinwellong tsa metsi, moo mehlape e palesitseng e nwelang teng.

39. Mehlape ya emara ha e le pela dithutswana, ya tswala tse mebalabala: tse rolo, le tse pudutswana, le tse tshasana, le tse thoboshana.

40. Jakobo a kgetha dikonyana, empa a etsa hore diphatla tsa mohlape wa Labane, wa tse ntsho, di tadimane le mohlape wa tse tshasana. Yaba o kgethela mohlape wa hae kathoko, a se ke a o kopanya le mohlape wa Labane.

41. Jakobo o ne a ye nehele ha mohlape o kgotshe, a bee dithutswana kapele ho mohlape, ka dinwellong, hore di tle di emare di le kapele ho dithutswana.

Tshimoloho 30