25. Ragele ha a se a tswetse Josefa, Jakobo a re ho Labane: “Ntokolle, ke ye haeso, naheng ya heso.
26. Nnee basadi ba ka le bana ba ka, bao ke o sebeleditseng ho ba fumana, mme o ntokolle ke tsamaye, hobane o tseba kamoo ke ileng ka o sebeletsa kateng.”
27. Empa Labane a re ho yena: “Ako nkgauhele, hobane ke lemohile hore Morena o ntlhohonolofaditse ka baka la hao.”
28. A ba a re: “Bolela moputso oo o o batlang, mme ke tla o nea wona.”
29. Jakobo a re ho Labane: “Wena o tseba kamoo ke ileng ka o sebeletsa kateng, le kamoo ke atlehisitseng mehlape ya hao kateng.
30. Pele ke fihla o ne o ena le dintho tse seng kae, empa jwale di eketsehile, ke mehlapehadi, mme Morena o o hlohonolofaditse ka tsohle, hohle moo ke neng ke eya teng. Jwale nna ke tla sebeletsa lelapa la ka neng?”
31. Labane a re: “Ke o nee eng?”Jakobo a re: “O se ke wa nnea letho; haeba o ka nketsetsa ntho ena, ke tla boela ke dise mohlape wa hao hape, ke o baballe.
32. Ke tla hlahloba mohlape wohle wa hao kajeno, ke kgethe dinku tsohle tse tshasana, le tse thoboshana, le dikonyana tsohle tse ntsho, le dipodi tse rolo le tse pudutswana. Tseo he, e tla ba tsona moputso wa ka.
33. Ho tshepahala ha ka ho tla bonahala kamoso, ha o etla hore re hlahlobisane tsa moputso wa ka. Dipodi tsohle tse seng rolo, le dikonyana tse seng ntsho, ha di ka fumanwa mohlapeng wa ka, e tla ba ke di utswitse.”
34. Yaba Labane o re: “Ke hantle! Ha ho be jwalokaha o bolela.”
35. Ka lona letsatsi leo Labane a kgetha diphooko tsohle tse rolo le tse putswa, le dipodi tsohle tse rolwana le tse pudutswana le tsohle tse phatshwana, le dikonyana tsohle tse ntsho, a di siya matsohong a bara ba Jakobo.
36. Tsa kgannwa ho iswa sebakeng se lekanang le leeto la matsatsi a mararo, ho tloha moo yena le Jakobo ba neng ba le hona teng, mme Jakobo a disa mehlape ya Labane e setseng.
37. Jakobo a nka dithutswana tse tala tsa difate tsa popoliri, le tsa perekisi, le tsa sefate sa hoki, a di ebola, a di etsa metaka e mesweu, mme a hlahisa bosweu bo ho tsona.