2. Jakobo a halefela Ragele haholo, mme a re: “Na nna ke Modimo, yena ya o entseng nyopa?”
3. Ragele a re: “Bileha, lekgabunyane la ka, ke enwa. Kena dikobong tsa hae, e le hore a tle a ntswalle bana ba lengwele, hore ke be le bana ka yena.”
4. Yaba o nea Jakobo lekgabunyane la hae Bileha hore e be mosadi wa hae.
5. Bileha ya eba moimana, a tswalla Jakobo mora.
6. Jwale Ragele a re: “Modimo o nkahloletse, ebile o utlwile thapelo ya ka, mme o mphile mora.” Ka baka leo, a mo rea lebitso la Dane.
7. Bileha, lekgabunyane la Ragele, ya boela ya eba moimana, mme a tswalla Jakobo mora wa bobedi.
8. Jwale Ragele a re: “Ke lwanne dintwa tse matla le ngwaneso, mme ke hlotse.” Yaba o mo rea lebitso la Nafthali.
9. Ha Lea a bona hore a ke ke a hlola a beleha, a nka lekgabunyane la hae Silepa, mme a le nea Jakobo hore e be mosadi wa hae.
10. Jwale Silepa, lekgabunyane la Lea, a tswalla Jakobo mora.
11. Lea a re: “Hona ke lehlohonolo!” Yaba o mo rea lebitso la Gade.
12. Silepa, lekgabunyane la Lea, a tswalla Jakobo mora wa bobedi.
13. Lea a re: “Nna ke lehlohonolo. Basadi ba tla mpitsa ya lehlohonolo!” Yaba o mo rea lebitso la Ashere.
14. Ka nako eo ho kotulwang koro ka yona, Rubene a fumana ditholwana tsa moratiso masimong, mme a di tlisetsa mmae Lea. Jwale Ragele a re ho Lea: “Ako mphe hle, tse ding tsa ditholwana tsa moratiso tsa mora wa hao.”
15. Empa Lea a re ho yena: “Na ke ntho e nyenyane ha o nkile monna wa ka, mme jwale o rata ho nka le ditholwana tsa moratiso tsa mora wa ka?”Ragele a araba, a re: “E, a ka nna a robala le wena bosiung bona, ha o ka mpha ditholwana tsa moratiso tsa mora wa hao.”
16. Mantsiboya, ha Jakobo a kgutla masimong, Lea a tswa ho ya mo kgahlanyetsa, mme a re ho yena: “O tshwanetse ho tla robala le nna bosiung bona, hobane ke o rekile ka ditholwana tsa moratiso, tsa mora wa ka.” Yaba o robala le yena bosiung boo.
17. Modimo a mamela Lea, ya eba moimana, mme a tswalla Jakobo mora wa bohlano.
18. Lea a re: “Modimo o mphile moputso wa ka, hobane ke ile ka nea monna wa ka lekgabunyane la ka.” A mo rea lebitso la Isakare.