18. Lea a re: “Modimo o mphile moputso wa ka, hobane ke ile ka nea monna wa ka lekgabunyane la ka.” A mo rea lebitso la Isakare.
19. Lea ya eba moimana hape, mme a tswalla Jakobo mora wa botshelela.
20. Jwale Lea a re: “Modimo o mphile mpho e ntle, mme kajeno monna wa ka o tla dula ha ka, hobane ke mo tswaletse bara ba tsheletseng.” Yaba o rea mora eo lebitso la Sebulone.
21. Kamora mona a tswala moradi, a mo rea lebitso la Dina.
22. Modimo a hopola Ragele, a mo mamela, a mo fa thari.
23. Ragele ya eba moimana, a tswala mora, mme a re: “Modimo o tlositse sekgobo sa ka.”
24. A rea mora enwa lebitso la Josefa, a re: “Morena a ke a nkekeletse mora e mong!”
25. Ragele ha a se a tswetse Josefa, Jakobo a re ho Labane: “Ntokolle, ke ye haeso, naheng ya heso.
26. Nnee basadi ba ka le bana ba ka, bao ke o sebeleditseng ho ba fumana, mme o ntokolle ke tsamaye, hobane o tseba kamoo ke ileng ka o sebeletsa kateng.”
27. Empa Labane a re ho yena: “Ako nkgauhele, hobane ke lemohile hore Morena o ntlhohonolofaditse ka baka la hao.”
28. A ba a re: “Bolela moputso oo o o batlang, mme ke tla o nea wona.”
29. Jakobo a re ho Labane: “Wena o tseba kamoo ke ileng ka o sebeletsa kateng, le kamoo ke atlehisitseng mehlape ya hao kateng.
30. Pele ke fihla o ne o ena le dintho tse seng kae, empa jwale di eketsehile, ke mehlapehadi, mme Morena o o hlohonolofaditse ka tsohle, hohle moo ke neng ke eya teng. Jwale nna ke tla sebeletsa lelapa la ka neng?”
31. Labane a re: “Ke o nee eng?”Jakobo a re: “O se ke wa nnea letho; haeba o ka nketsetsa ntho ena, ke tla boela ke dise mohlape wa hao hape, ke o baballe.