1. Yare ha Ragele a bona hore ha a tswalle Jakobo bana, a honohela ngwanabo, mme a re ho Jakobo: “Mphe bana, ho seng jwalo ke tla shwa!”
2. Jakobo a halefela Ragele haholo, mme a re: “Na nna ke Modimo, yena ya o entseng nyopa?”
3. Ragele a re: “Bileha, lekgabunyane la ka, ke enwa. Kena dikobong tsa hae, e le hore a tle a ntswalle bana ba lengwele, hore ke be le bana ka yena.”
4. Yaba o nea Jakobo lekgabunyane la hae Bileha hore e be mosadi wa hae.