Tshimoloho 3:5-13 BIBELE (SSO89SO)

5. Modimo o tseba hore mohla le ka se jang, mahlo a lona a tla tutuboloha, le tshwane le Modimo, le tsebe botle le bobe.”

6. Mosadi a elellwa hore sefate seo se ka jewa, se bile se kgahla mahlo; le hore se a lakatseha, hobane se hlalefisa motho. Yaba o kgola tse ding tsa ditholwana tsa sona, o a di ja; a ba a fa le monna wa hae, le yena a ja.

7. Mahlo a bona bobedi a tutuboloha, mme ba elellwa hore ha ba a tena letho. Ba rokahanya mahaba a sefate sa feiye, ba iketsetsa meitlamo.

8. Jwale ba utlwa ha Morena Modimo a bua, ha a ntse a tsamaya hara serapa, moyeng o maphodi wa mantsiboya. Monna le mosadi wa hae ba ipatela Morena Modimo hara difate tsa serapa.

9. Morena Modimo a bitsa monna, a re ho yena: “O hokae na?”

10. Monna a arabela, a re: “Ke ile ka utlwa ha o ntse o tsamaya mona serapeng, ka tshaba, hobane ha ke a tena letho, mme ka ipata.”

11. Jwale Modimo a re: “Ke mang ya o boleletseng hore ha o a tena letho? Na o jele sefate seo ke o laetseng hore o se ke wa se ja?”

12. Monna a re: “Mosadi eo o nneileng yena, hore a be le nna, o mphile tse tswang sefateng, mme ka fela ka ja.”

13. Jwale Morena Modimo a re ho mosadi: “Ke eng ee, eo o e entseng?”Mosadi a re: “Noha e ile ya nqhekella, mme ka fela ka ja.”

Tshimoloho 3