Tshimoloho 3:2-7 BIBELE (SSO89SO)

2. Mosadi a araba noha, a re: “Re ka ja ditholwana tsa difate tse serapeng,

3. empa ha e le ditholwana tsa sefate se bohareng ba serapa, Modimo o itse: <Le se ke la di ja, le ho di thetsa le se ke la di thetsa, esere la shwa.> ”

4. Jwale noha ya re ho mosadi: “Ruri ha le ka ke la shwa!

5. Modimo o tseba hore mohla le ka se jang, mahlo a lona a tla tutuboloha, le tshwane le Modimo, le tsebe botle le bobe.”

6. Mosadi a elellwa hore sefate seo se ka jewa, se bile se kgahla mahlo; le hore se a lakatseha, hobane se hlalefisa motho. Yaba o kgola tse ding tsa ditholwana tsa sona, o a di ja; a ba a fa le monna wa hae, le yena a ja.

7. Mahlo a bona bobedi a tutuboloha, mme ba elellwa hore ha ba a tena letho. Ba rokahanya mahaba a sefate sa feiye, ba iketsetsa meitlamo.

Tshimoloho 3