5. A re ho bona: “Na le tseba Labane, mora wa Nakore?”Badisana ba re: “Re a mo tseba.”
6. A re ho bona: “Na o ntse a phela hantle?”Ba re: “O ntse a phela hantle. Bona, moradi wa hae Ragele ke eo a etla le dinku.”
7. Jakobo a re: “Bonang mona, e sa le motsheare o moholo, ha e eso be nako ya ho orosa mehlape; nwesang dinku, le tsamaye le yo di fudisa.”
8. Empa bona ba re: “Re sitwa ho etsa jwalo, ho fihlela mehlape yohle e bokellana mona, ho phikoloswa lejwe, le tloswa molomong wa sediba, ebe jwale re tseba ho nwesa dinku.”
9. Yare a sa ntsane a bua le bona, Ragele a fihla le dinku tsa ntatae, hobane e ne e le modisana wa tsona.
10. Ha Jakobo a bona Ragele, moradi wa malomae Labane, le dinku tsa malomae Labane, Jakobo a atamela, a phikolosa lejwe, a le tlosa molomong wa sediba, mme a nwesa dinku tsa malomae Labane.
11. Jwale Jakobo a aka Ragele, a ba a lla.
12. Jakobo a bolella Ragele hore ke seng le ntatae, le hore yena ke mora wa Rebeka. Ragele a matha, a ya tsebisa ntatae.
13. Yare ha Labane a utlwa ditaba tsa Jakobo motjhana hae, a matha ho ya mo kgahlanyetsa, a mo kopa molaleng, a mo aka, a mo isa ka tlung ya hae. Jakobo a bolella Labane tsena tsohle,
14. mme Labane a re ho yena: “Ruri o lesapo la ka le nama ya ka!” Jakobo a hlola le yena kgwedi kaofela.