22. Yaba Labane o mema banna bohle ba sebaka seo, o etsa mokete wa lenyalo.
23. Ka phirimana Labane a nka moradi wa hae Lea, a mo isa ho Jakobo, mme yena a kena dikobong tsa hae.
24. Labane a nka lekgabunyane la hae Silepa, a le nea moradi wa hae Lea, hore e be lekgabunyane la hae.
25. Yare ha bo esa, bo bonahala hore ke Lea, Jakobo a re ho Labane: “Ke eng ee, eo o nketseditseng yona? Na ha ke o sebeletsa, ke ne ke sa sebeletse hore o nnee Ragele? Jwale o nthetseditseng?”
26. Labane a re: “Mona haeso hase moetlo hore e monyenyane a nyalwe pele ho e moholo.
27. Qeta beke le enwa, mme o tla newa le eno e mong, feela o ntshebeletse hae ka dilemo tse ding tse supileng, tseo o tla ntshebeletsa ka tsona.”
28. Jakobo a dumela, a qeta beke ya enwa, Labane a nto mo nea moradi wa hae Ragele, hore e be mosadi wa hae.
29. Labane a nka lekgabunyane la hae Bileha, a le nea moradi wa hae Ragele, hore e be lekgabunyane la hae.
30. Jakobo a kena dikobong tsa Ragele, mme a rata Ragele ho feta Lea. A boela a sebeletsa Labane ka dilemo tse ding tse supileng.
31. Ha Morena a bona hore Lea ha a ratwe, a mo fa thari, empa Ragele ya eba nyopa.
32. Lea ya eba moimana, a tswala mora, mme a mo rea lebitso la Rubene, hobane o ne a re: “Ruri Morena o bone matshwenyeho a ka, mme jwale monna wa ka o tla nthata.”
33. Ya eba moimane hape, a tswala mora, mme a re: “Ruri Morena o utlwile hore ha ke ratwe, mme o mphile mora enwa hape.” Yaba o mo rea lebitso la Simeone.
34. Ya boela ya eba moimana, a tswala mora, mme a re: “Jwale monna wa ka o tla nkgomarela, hobane ke mo tswaletse bara ba bararo.” Ka baka lena, enwa a mo rea lebitso la Levi.