Tshimoloho 29:17-27 BIBELE (SSO89SO)

17. Mahlo a Lea a ne a le bolea, empa Ragele o ne a bopehile hantle, a le motle haholo.

18. Jakobo o ne a rata Ragele, mme a re: “Ke tla o sebeletsa ka dilemo tse supileng, ke sebeletsa ho fumana Ragele, moradi wa hao e monyenyane.”

19. Yaba Labane o re: “Ho molemo hore ke mo nee wena, ho ena le ho mo nea monna osele. Dula le nna he.”

20. Jakobo a sebeletsa bohadi ba Ragele ka dilemo tse supileng, empa ka baka la lerato leo a neng a rata Ragele ka lona, dilemo tseo tsa ka ditshiu tse seng kae.

21. Jwale Jakobo a re ho Labane: “Nnee mosadi wa ka, ke kene dikobong tsa hae, hobane nako ya ka e phethehile.”

22. Yaba Labane o mema banna bohle ba sebaka seo, o etsa mokete wa lenyalo.

23. Ka phirimana Labane a nka moradi wa hae Lea, a mo isa ho Jakobo, mme yena a kena dikobong tsa hae.

24. Labane a nka lekgabunyane la hae Silepa, a le nea moradi wa hae Lea, hore e be lekgabunyane la hae.

25. Yare ha bo esa, bo bonahala hore ke Lea, Jakobo a re ho Labane: “Ke eng ee, eo o nketseditseng yona? Na ha ke o sebeletsa, ke ne ke sa sebeletse hore o nnee Ragele? Jwale o nthetseditseng?”

26. Labane a re: “Mona haeso hase moetlo hore e monyenyane a nyalwe pele ho e moholo.

27. Qeta beke le enwa, mme o tla newa le eno e mong, feela o ntshebeletse hae ka dilemo tse ding tse supileng, tseo o tla ntshebeletsa ka tsona.”

Tshimoloho 29