15. Yaba Labane o re ho Jakobo: “Kaha o motjhana wa ka, na o ka ntshebeletsa feela? Mpolelle: ke o lefe bokae?”
16. Jwale Labane o ne a ena le baradi ba babedi; lebitso la e moholo e ne e le Lea, mme lebitso la e monyenyane e le Ragele.
17. Mahlo a Lea a ne a le bolea, empa Ragele o ne a bopehile hantle, a le motle haholo.
18. Jakobo o ne a rata Ragele, mme a re: “Ke tla o sebeletsa ka dilemo tse supileng, ke sebeletsa ho fumana Ragele, moradi wa hao e monyenyane.”
19. Yaba Labane o re: “Ho molemo hore ke mo nee wena, ho ena le ho mo nea monna osele. Dula le nna he.”
20. Jakobo a sebeletsa bohadi ba Ragele ka dilemo tse supileng, empa ka baka la lerato leo a neng a rata Ragele ka lona, dilemo tseo tsa ka ditshiu tse seng kae.
21. Jwale Jakobo a re ho Labane: “Nnee mosadi wa ka, ke kene dikobong tsa hae, hobane nako ya ka e phethehile.”
22. Yaba Labane o mema banna bohle ba sebaka seo, o etsa mokete wa lenyalo.
23. Ka phirimana Labane a nka moradi wa hae Lea, a mo isa ho Jakobo, mme yena a kena dikobong tsa hae.
24. Labane a nka lekgabunyane la hae Silepa, a le nea moradi wa hae Lea, hore e be lekgabunyane la hae.
25. Yare ha bo esa, bo bonahala hore ke Lea, Jakobo a re ho Labane: “Ke eng ee, eo o nketseditseng yona? Na ha ke o sebeletsa, ke ne ke sa sebeletse hore o nnee Ragele? Jwale o nthetseditseng?”
26. Labane a re: “Mona haeso hase moetlo hore e monyenyane a nyalwe pele ho e moholo.
27. Qeta beke le enwa, mme o tla newa le eno e mong, feela o ntshebeletse hae ka dilemo tse ding tse supileng, tseo o tla ntshebeletsa ka tsona.”