1. Jakobo a tswela pele leetong la hae, a ya fihla naheng ya baahi ba ka botjhabela.
2. Ha a tadima, a bona sediba hara thota, a bona mehlape e meraro ya dinku e bothile pela sona, hobane mehlape eo e ne e nweswa sedibeng seo. Lejwe le kwahelang molomo wa sediba le ne le le leholo.
3. Ha mehlape e bokane moo, badisana ba ne ba ye ba le phikolose, le tlohe molomong wa sediba, ba nwese dinku, ba boele ba le busetse ditulong tsa lona, molomong wa sediba.
4. Jakobo a re ho bona: “Bana beso, le tswa kae?”Bona ba araba, ba re: “Re tswa Harane.”
5. A re ho bona: “Na le tseba Labane, mora wa Nakore?”Badisana ba re: “Re a mo tseba.”
6. A re ho bona: “Na o ntse a phela hantle?”Ba re: “O ntse a phela hantle. Bona, moradi wa hae Ragele ke eo a etla le dinku.”
7. Jakobo a re: “Bonang mona, e sa le motsheare o moholo, ha e eso be nako ya ho orosa mehlape; nwesang dinku, le tsamaye le yo di fudisa.”
8. Empa bona ba re: “Re sitwa ho etsa jwalo, ho fihlela mehlape yohle e bokellana mona, ho phikoloswa lejwe, le tloswa molomong wa sediba, ebe jwale re tseba ho nwesa dinku.”
9. Yare a sa ntsane a bua le bona, Ragele a fihla le dinku tsa ntatae, hobane e ne e le modisana wa tsona.
10. Ha Jakobo a bona Ragele, moradi wa malomae Labane, le dinku tsa malomae Labane, Jakobo a atamela, a phikolosa lejwe, a le tlosa molomong wa sediba, mme a nwesa dinku tsa malomae Labane.
11. Jwale Jakobo a aka Ragele, a ba a lla.