1. Isaka a bitsa Jakobo, a mo hlohonolofatsa, a mo laela, a re: “O se ke wa nyala e mong wa banana ba Bakanana.
2. Tsamaya, o ye Padane-Arame, tlung ya Bethuele, ntatao moholo ya tswalang mmao; o nyale mosadi teng ho baradi ba malomao Labane.
3. Modimo ya matla wohle a ke a o hlohonolofatse, a o fe bana ba bangata, a be a o atise haholoholo, o tle o be raditjhabatjhaba.
4. A ke a o nee lehlohonolo la Aborahama, wena le ditloholo tsa hao, o tle o rue naha eo o leng mojaki ho yona, eo Modimo a neng a e nee Aborahama!”
5. Ka mokgwa ona, Isaka a re Jakobo a tsamaye, mme yena a ya Padane-Arame ha Labane, mora wa Bethuele wa Moarame, kgaitsedi ya Rebeka, mma bo-Jakobo le Esau.
6. Esau a bona hore Isaka o hlohonolofaditse Jakobo, mme o mo rometse Padane-Arame ho ya nyala mosadi teng; le hore, ha a mo hlohonolofatsa, o ile a mo laela, a re: “O se ke wa nyala e mong wa banana ba Bakanana;”
7. le hore Jakobo o mametse ntatae le mmae, ka ho ya Padane-Arame.
8. Esau a bona hore mahlong a ntatae, Isaka, banana ba Bakanana ba kgopo;
9. yaba o ya ha Ishemaele, o eketsa sethepu sa hae ka ho nyala Mahalate, moradi wa Ishemaele, mora wa Aborahama, kgaitsedi ya Nebajote.