Tshimoloho 28:1-14 BIBELE (SSO89SO)

1. Isaka a bitsa Jakobo, a mo hlohonolofatsa, a mo laela, a re: “O se ke wa nyala e mong wa banana ba Bakanana.

2. Tsamaya, o ye Padane-Arame, tlung ya Bethuele, ntatao moholo ya tswalang mmao; o nyale mosadi teng ho baradi ba malomao Labane.

3. Modimo ya matla wohle a ke a o hlohonolofatse, a o fe bana ba bangata, a be a o atise haholoholo, o tle o be raditjhabatjhaba.

4. A ke a o nee lehlohonolo la Aborahama, wena le ditloholo tsa hao, o tle o rue naha eo o leng mojaki ho yona, eo Modimo a neng a e nee Aborahama!”

5. Ka mokgwa ona, Isaka a re Jakobo a tsamaye, mme yena a ya Padane-Arame ha Labane, mora wa Bethuele wa Moarame, kgaitsedi ya Rebeka, mma bo-Jakobo le Esau.

6. Esau a bona hore Isaka o hlohonolofaditse Jakobo, mme o mo rometse Padane-Arame ho ya nyala mosadi teng; le hore, ha a mo hlohonolofatsa, o ile a mo laela, a re: “O se ke wa nyala e mong wa banana ba Bakanana;”

7. le hore Jakobo o mametse ntatae le mmae, ka ho ya Padane-Arame.

8. Esau a bona hore mahlong a ntatae, Isaka, banana ba Bakanana ba kgopo;

9. yaba o ya ha Ishemaele, o eketsa sethepu sa hae ka ho nyala Mahalate, moradi wa Ishemaele, mora wa Aborahama, kgaitsedi ya Nebajote.

10. Jakobo a tloha Beeresheba, a leba Harane.

11. A fihla sebakeng se seng, a robala teng, hobane letsatsi le ne le se le diketse. Jwale a nka le leng la majwe a hona moo, a le sama, yaba o a robala.

12. A lora toro, mme ho yona a bona lere e hlonngweng fatshe, e ilo fihla lehodimong. A bona mangeloi a Modimo a ntse a ehlwa, a theoha ka yona.

13. A bona Morena a eme kahodimo ho yona, a ntse a re: “Ke nna Morena, Modimo wa ntatao Aborahama, le Modimo wa Isaka. Naha eo o robetseng ho yona ke tla o nea yona le ditloholo tsa hao.

14. Ditloholo tsa hao di tla ba kaalo ka lerole la lefatshe, mme o tla namela bophirimela, le botjhabela, le leboya, le borwa. Merabe yohle ya lefatshe e tla hlohonolofatswa ka wena le ka ditloholo tsa hao.

Tshimoloho 28