4. Ke tla ngatafatsa ditloholo tsa hao jwaloka dinaledi tsa lehodimo, mme dinaha tsena tsohle ke tla di nea ditloholo tsa hao. Ditjhaba tsohle tsa lefatshe di tla hlohonolofala ka ditloholo tsa hao;
5. kaha Aborahama o ile a mmamela, a boloka ditsela tsa ka, le ditaelo tsa ka, le ditemoso tsa ka, le melao ya ka.”
6. Yaba Isaka o aha Gerare.
7. Ha batho ba sebaka seo ba mmotsa ka mosadi wa hae, a re: “Ke kgaitsedi ya ka,” hobane o ne a tshaba ho re: “Ke mosadi wa ka,” esere banna ba sebaka seo ba mmolaya ka baka la Rebeka, hobane Rebeka o ne a le motle haholo.
8. Ha Isaka a se a ahile moo ditshiu tse teletsana, Abimeleke, kgosi ya Bafilesita, a tadima ka fesetere, mme a bona Isaka a ntse a phathapathatsana le Rebeka, mosadi wa hae.
9. Yaba Abimeleke o bitsa Isaka, o re: “Ha ke re eo ke mosadi wa hao? Ke hobaneng ha o ile wa re ke kgaitsedi ya hao?”Isaka a mo araba, a re: “Ke hobane ke ile ka nahana hore mohlomong ka baka la hae ke tla tshoha ke bolawa.”
10. Abimeleke a re ho yena: “Ke eng ee, eo o e entseng ho rona? E mong wa batho bana a ka be a ile a kena dikobong tsa mosadi wa hao, mme o ka be o entse hore re be molato.”
11. Jwale Abimeleke a bolella batho ba hae, a re: “Mang kapa mang ya ka amang monna enwa, kapa mosadi wa hae, o tla bolawa.”
12. Isaka a lema naheng eo, mme ka sona selemo seo a kotula halekgolo. Morena a mo hlohonolofatsa,
13. mme ya eba morui, a nna a tswela pele ho atleha, ho fihlela e eba morui e moholo ka ho fetisisa.
14. A ba le mehlape ya dinku le ya dikgomo, le bahlanka ba bangata, hoo Bafilesita ba ileng ba mo honohela.
15. Didiba tsohle tseo bahlanka ba ntatae ba neng ba ile ba di tjheka mehleng ya ntatae Aborahama, Bafilesita ba ne ba ile ba di kata ka mobu.