Tshimoloho 26:25-35 BIBELE (SSO89SO)

25. Yaba o haha aletare moo, mme a rapela Morena, a hloma tente ya hae moo. Hona moo bahlanka ba Isaka ba tjheka sediba.

26. Abimeleke, a etswa Gerare, a ena le motswalle wa hae Ahusate le Pikole molaodi wa mabotho a hae, a ya ho Isaka.

27. Isaka a re ho bona: “Ke ka baka lang le tlileng ho nna, ha le ntlhoile tjee, le bile le ntelekile ha lona?”

28. Ba mo araba, ba re: “Re bone hantle hore Morena o na le wena; yaba re re: Ha ho ke ho be le kano pakeng tsa rona le wena, re etse selekane le wena.

29. O ke ke wa re etsa hampe, jwalokaha le rona re sa ka ra o etsa hampe. Ha ho letho leo re le entseng ho wena, haese botle feela, mme re bile re o ntshitse ka kgotso. Jwale o ya hlohonolofaditsweng ke Morena.”

30. A ba etsetsa mokete, mme ba eja, ba enwa.

31. Ba tsoha ka madungwadungwana, ba hlapanyetsana, mme Isaka a ba lokolla, ba tloha ho yena ka kgotso.

32. Ka lona letsatsi leo bahlanka ba Isaka ba tla ho yena, ba mmolella ka sediba seo ba se tjhekileng, mme ba re ho yena: “Re fumane metsi.”

33. Sediba seo a se bitsa Sheba; ka baka leo, motse oo o bitswa Beeresheba le kajeno.

34. Ha Esau a ena le dilemo tse mashome a mane a nyala Jehudite, moradi wa Beeri wa Mohete, le Basemate, moradi wa Elone wa Mohete.

35. Basadi bana ba sulafaletsa Rebeka le Isaka bophelo.

Tshimoloho 26