21. Ba boela ba tjheka sediba se seng, mme le seo ba se tsekisana; sona a se rea lebitso la Sitena.
22. A falla moo, a tjheka sediba se seng hape, empa sena ba se ke ba hlola ba se tsekisana, mme sona a se rea lebitso la Rehobote, a re: “Jwale Morena o re file sebaka, mme re tla ngatafala naheng ena.”
23. Ho tloha moo a nyoloha, a ya Beeresheba.
24. Ka bona bosiu boo, Morena a iponahatsa ho yena, a re: “Ke nna Modimo wa ntatao Aborahama. Se tshabe letho hobane ke na le wena. Ke tla o hlohonolofatsa, ke ngatafatse ditloholo tsa hao, ka baka la Aborahama, mohlanka wa ka.”
25. Yaba o haha aletare moo, mme a rapela Morena, a hloma tente ya hae moo. Hona moo bahlanka ba Isaka ba tjheka sediba.
26. Abimeleke, a etswa Gerare, a ena le motswalle wa hae Ahusate le Pikole molaodi wa mabotho a hae, a ya ho Isaka.
27. Isaka a re ho bona: “Ke ka baka lang le tlileng ho nna, ha le ntlhoile tjee, le bile le ntelekile ha lona?”
28. Ba mo araba, ba re: “Re bone hantle hore Morena o na le wena; yaba re re: Ha ho ke ho be le kano pakeng tsa rona le wena, re etse selekane le wena.
29. O ke ke wa re etsa hampe, jwalokaha le rona re sa ka ra o etsa hampe. Ha ho letho leo re le entseng ho wena, haese botle feela, mme re bile re o ntshitse ka kgotso. Jwale o ya hlohonolofaditsweng ke Morena.”
30. A ba etsetsa mokete, mme ba eja, ba enwa.