Tshimoloho 26:17-32 BIBELE (SSO89SO)

17. Yaba Isaka o tloha moo, o ya hloma kgohlong ya Gerare, mme a aha teng.

18. Isaka a boela a tjheka didiba tse ileng tsa tjhekwa mehleng ya ntatae Aborahama. Bafilesita ba ne ba ile ba di kata kamora lefu la Aborahama, mme a di rea mabitso ao ntatae a neng a di reile wona.

19. Bahlanka ba Isaka ba tjheka ka kgohlong, mme ba fumana sediba sa metsi a tsapolang.

20. Badisa ba Gerare ba tsekisana le ba Isaka, ba re: “Metsi ana ke a rona.” Yaba sediba seo o se rea lebitso la Eseke, hobane ba ne ba se tsekisane le yena.

21. Ba boela ba tjheka sediba se seng, mme le seo ba se tsekisana; sona a se rea lebitso la Sitena.

22. A falla moo, a tjheka sediba se seng hape, empa sena ba se ke ba hlola ba se tsekisana, mme sona a se rea lebitso la Rehobote, a re: “Jwale Morena o re file sebaka, mme re tla ngatafala naheng ena.”

23. Ho tloha moo a nyoloha, a ya Beeresheba.

24. Ka bona bosiu boo, Morena a iponahatsa ho yena, a re: “Ke nna Modimo wa ntatao Aborahama. Se tshabe letho hobane ke na le wena. Ke tla o hlohonolofatsa, ke ngatafatse ditloholo tsa hao, ka baka la Aborahama, mohlanka wa ka.”

25. Yaba o haha aletare moo, mme a rapela Morena, a hloma tente ya hae moo. Hona moo bahlanka ba Isaka ba tjheka sediba.

26. Abimeleke, a etswa Gerare, a ena le motswalle wa hae Ahusate le Pikole molaodi wa mabotho a hae, a ya ho Isaka.

27. Isaka a re ho bona: “Ke ka baka lang le tlileng ho nna, ha le ntlhoile tjee, le bile le ntelekile ha lona?”

28. Ba mo araba, ba re: “Re bone hantle hore Morena o na le wena; yaba re re: Ha ho ke ho be le kano pakeng tsa rona le wena, re etse selekane le wena.

29. O ke ke wa re etsa hampe, jwalokaha le rona re sa ka ra o etsa hampe. Ha ho letho leo re le entseng ho wena, haese botle feela, mme re bile re o ntshitse ka kgotso. Jwale o ya hlohonolofaditsweng ke Morena.”

30. A ba etsetsa mokete, mme ba eja, ba enwa.

31. Ba tsoha ka madungwadungwana, ba hlapanyetsana, mme Isaka a ba lokolla, ba tloha ho yena ka kgotso.

32. Ka lona letsatsi leo bahlanka ba Isaka ba tla ho yena, ba mmolella ka sediba seo ba se tjhekileng, mme ba re ho yena: “Re fumane metsi.”

Tshimoloho 26