Tshimoloho 26:10-23 BIBELE (SSO89SO)

10. Abimeleke a re ho yena: “Ke eng ee, eo o e entseng ho rona? E mong wa batho bana a ka be a ile a kena dikobong tsa mosadi wa hao, mme o ka be o entse hore re be molato.”

11. Jwale Abimeleke a bolella batho ba hae, a re: “Mang kapa mang ya ka amang monna enwa, kapa mosadi wa hae, o tla bolawa.”

12. Isaka a lema naheng eo, mme ka sona selemo seo a kotula halekgolo. Morena a mo hlohonolofatsa,

13. mme ya eba morui, a nna a tswela pele ho atleha, ho fihlela e eba morui e moholo ka ho fetisisa.

14. A ba le mehlape ya dinku le ya dikgomo, le bahlanka ba bangata, hoo Bafilesita ba ileng ba mo honohela.

15. Didiba tsohle tseo bahlanka ba ntatae ba neng ba ile ba di tjheka mehleng ya ntatae Aborahama, Bafilesita ba ne ba ile ba di kata ka mobu.

16. Jwale Abimeleke a re ho Isaka: “Tloha hara rona, hobane o matla ho re feta.”

17. Yaba Isaka o tloha moo, o ya hloma kgohlong ya Gerare, mme a aha teng.

18. Isaka a boela a tjheka didiba tse ileng tsa tjhekwa mehleng ya ntatae Aborahama. Bafilesita ba ne ba ile ba di kata kamora lefu la Aborahama, mme a di rea mabitso ao ntatae a neng a di reile wona.

19. Bahlanka ba Isaka ba tjheka ka kgohlong, mme ba fumana sediba sa metsi a tsapolang.

20. Badisa ba Gerare ba tsekisana le ba Isaka, ba re: “Metsi ana ke a rona.” Yaba sediba seo o se rea lebitso la Eseke, hobane ba ne ba se tsekisane le yena.

21. Ba boela ba tjheka sediba se seng, mme le seo ba se tsekisana; sona a se rea lebitso la Sitena.

22. A falla moo, a tjheka sediba se seng hape, empa sena ba se ke ba hlola ba se tsekisana, mme sona a se rea lebitso la Rehobote, a re: “Jwale Morena o re file sebaka, mme re tla ngatafala naheng ena.”

23. Ho tloha moo a nyoloha, a ya Beeresheba.

Tshimoloho 26