Tshimoloho 25:26-34 BIBELE (SSO89SO)

26. Kamora moo ha hlaha moena wa hae, mme letsoho la hae le ne le tshwere serethe sa Esau, yaba ba mo rea lebitso la Jakobo. Isaka o ne a ena le dilemo tse mashome a tsheletseng ha a ba tswala.

27. Ha bashanyana bana ba ntse ba hola, Esau ya eba setsomi, a phela hara naha; athe Jakobo e ne e le motho wa kgotso, wa sesalahae.

28. Isaka o ne a rata Esau, hobane o ne a eja nama ya diphoofolo tseo a di bolayang, empa Rebeka yena o ne a rata Jakobo.

29. Ka mohlomong Jakobo o ne a phehile sopho, Esau a kena a etswa naheng, a lapile haholo.

30. Yaba Esau o re ho Jakobo: “Ako mphe ntho e kgubedu eno, ntho e kgubedu eno hle, ke je, hobane ke lapile haholo!” Ke ka baka leo a reilweng lebitso la Edomo.

31. Jakobo a re: “Nthekisetse ditokelo tsa boholo ba hao pele.”

32. Esau a re: “Bona, ke se ke le lekgatheng la ho shwa; ho nna molemo wa ditokelo tsa boholo ba ka ke ofe?”

33. Jakobo a re: “Ntlhapanyetse pele!” Yaba o a mo hlapanyetsa, o rekisetsa Jakobo ditokelo tsa boholo ba hae.

34. Jwale Jakobo a fa Esau bohobe le sopho ya dierekisi; yaba o a ja, o a nwa, a nto phahama, a ikela.Esau a nyedisa ditokelo tsa boholo ba hae jwalo.

Tshimoloho 25