16. Bana ke bona bara ba Ishemaele, mme ana ke mabitso a bona, ho ya ka metse ya bona, le ho ya ka diahelo tsa bona; ke mahosana a leshome le metso e mmedi, ho ya ka merabe ya bona.
17. Dilemo tsa bophelo ba Ishemaele e bile lekgolo le mashome a mararo a metso e supileng. A neela moya, a shwa, mme a orohela ho bang ka yena.
18. Ditloholo tsa hae tsa aha ho tloha Hafila ho ya fihla Shure, ka botjhabela ho Egepeta, tseleng e yang Asiria. A aha ka botjhabela ho bana babo.
19. Tsena ke ditaba tsa Isaka, mora wa Aborahama.Aborahama o ile a tswala Isaka.
20. Isaka o ne a ena le dilemo tse mashome a mane, ha a nyala Rebeka, moradi wa Bethuele, Moarame wa Padane-Arame, kgaitsedi ya Labane wa Moarame.
21. Isaka a rapella mosadi wa hae ho Morena, hobane e ne e le nyopa, mme Morena a utlwa thapelo ya hae, Rebeka mosadi wa hae ya eba moimana.
22. Masea a ne a rahana ka popelong ya hae; yaba o re: “Haeba ho tjee, ekaba ke phelela eng?” A ya botsa Morena,
23. mme Morena a re ho yena:“Ditjhaba tse pedidi ka popelong ya hao,merabe e mmedi e tla arohana,merabe eo e tswe maleng a hao,morabe o mongo tla ba matla ho feta o mong,e moholoo tla sebeletsa e monyenyane.”
24. Ha matsatsi a hae a ho beleha a se a phethahetse, bonang, mafahla a ne a le teng ka popelong ya hae.
25. La pele la hlaha le le lefubedu, mmele wohle wa lona o ne o ka kobo e phophomang boya, mme ba le rea lebitso la Esau.